20. Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.
21. Sakaria, yena, mora Meshelemia, e ne e le molebedi wa monyako wa tente ya pokano.
22. Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.
23. Kahoo, bona le bana ba bona ba ne ba lebela menyako ya ntlo ya Jehova, e leng ntlo ya tabernakele, ka dihlopha tsa bona.
24. Balebedi ba ne ba le ka nqa tse nne, ka nqa botjhabela, le ka nqa bophirimela, le ka nqa leboya, le ka nqa borwa.
25. Banababo bona ba neng ba le metsaneng ya bona, ba ne ba tshwanetse ho tla ho bona kamora tshiu tse supileng, ho ya ka dinako tse beilweng.
26. Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.
27. Ba ne ba hlola bosiu pela ntlo ya Modimo, hobane ba ne ba beilwe ho lebela, mme ba ne ba na le kabelo ya ho e bula ka hosasa ho hong le ho hong.
28. Ba bang ba ne ba neilwe kabelo ya ho baballa mesebetsi e sebeletsang; ba ne ba e bala ha ba e ntsha, ba ne ba e bala ha ba e busa.
29. Ba bang ba ne ba kgethetswe ho baballa mesebetsi le diphahlo tsohle tsa sehalalelo, le lefi la phofo, le veine, le ole, le dibano, le dinoko.
30. Dibano tse tswakilweng di ne di etswa ke bara ba baprista.