18. ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.
19. Shallume, mora Kore, mora Ebiasafe, mora Kore, a ena le banababo ba ntlo ya ntatae, e leng Bakore, ba ne ba tshwere mosebetsi wa ho lebela menyako ya tabernakele; haele bontata bona, ba neng ba disa diahelo tsa Jehova, e ne e le balebedi ba monyako wa tsona.
20. Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.
21. Sakaria, yena, mora Meshelemia, e ne e le molebedi wa monyako wa tente ya pokano.
22. Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.
23. Kahoo, bona le bana ba bona ba ne ba lebela menyako ya ntlo ya Jehova, e leng ntlo ya tabernakele, ka dihlopha tsa bona.