1 Dikronike 9:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. le banababo bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba sekete se nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; e ne e le banna ba matla mosebetsing wa tshebetso ya ntlo ya Modimo.

14. Ho Balevi, ke Shemaia, mora Hashube, mora Asrikame, mora Hashabia, wa bara ba Merari;

15. le Bakbakkare, Hereshe, Galale, le Matthania, mora Mikea, mora Sikri, mora Asafe;

16. le Obadia, mora Shemaia, mora Galale, mora Jeduthune, le Berekia, mora Asa, mora Elkana, ya neng a ahile metseng ya Banethofathe.

17. Balebedi ba menyako ke Shallume, Akkube, Thalmone, Akimane, le banababo bona; Shallume e ne e le hlooho ya bona;

18. ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.

19. Shallume, mora Kore, mora Ebiasafe, mora Kore, a ena le banababo ba ntlo ya ntatae, e leng Bakore, ba ne ba tshwere mosebetsi wa ho lebela menyako ya tabernakele; haele bontata bona, ba neng ba disa diahelo tsa Jehova, e ne e le balebedi ba monyako wa tsona.

20. Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.

21. Sakaria, yena, mora Meshelemia, e ne e le molebedi wa monyako wa tente ya pokano.

22. Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.

23. Kahoo, bona le bana ba bona ba ne ba lebela menyako ya ntlo ya Jehova, e leng ntlo ya tabernakele, ka dihlopha tsa bona.

24. Balebedi ba ne ba le ka nqa tse nne, ka nqa botjhabela, le ka nqa bophirimela, le ka nqa leboya, le ka nqa borwa.

25. Banababo bona ba neng ba le metsaneng ya bona, ba ne ba tshwanetse ho tla ho bona kamora tshiu tse supileng, ho ya ka dinako tse beilweng.

1 Dikronike 9