1. Baiseraele kaofela ba balwa jwalo masikeng a bona; ba ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele. Haele Juda, a iswa kgolehong Babilona ka baka la meikgantsho ya hae.
2. Haele ba kileng ba aha ha bona pele, metseng ya bona, e ne e le Baiseraele, le baprista, le Balevi le Banethinime.
3. Jerusalema, ha aha ba bang ba bara ba Juda, le ba bara ba Benjamine, le ba bara ba Efraime le Manasse,
4. e leng Uthai, mora Ammihude, mora Omri, mora Imri, mora Bani, wa bara ba Peretse, mora Juda.
5. Ho Bashilone, ke Asaia wa letsibolo le bara ba hae;
6. ho bara ba Sera, ke Jeuele le banababo, e leng batho ba makgolo a tsheletseng a mashome a robileng mono o le mong.
7. Ho bara ba Benjamine, ke Sallu, mora Meshullame, mora Hodavia, mora Assenua,