1 Dikronike 8:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Bara ba Bela ke Addare, Gera, Abihude,

4. Abishua, Naamane, Akowa,

5. Gera, Shefufane, le Hurame.

6. Bana ba Ehude ke bana; e ne e le dihlooho tsa matlo a bontata baahi ba Geba, ba ba ba ba falaletsa Manahathe:

7. ke Naamane, Akija, le Gera; Gera ke yena ya neng a ba falatse. A tswala Ussa le Akihude.

8. Shaharaime a tswala bana naheng ya Moabe, hobane a kgutlise basadi ba hae Hushime le Baara.

9. Ka mosadi wa hae Hodeshe, a tswala Jobabe, Tsibia, Mesha, Malkame,

10. Jeutse, Shokia, le Mirma. Ke bona bara ba hae, dihlooho tsa matlo a bontata bona.

11. Ka Hushime, a tswala Abithube le Elpaale.

12. Bara ba Elpaale ke Ebere, Misheame, Shemere ya hahileng Ono, le Lode, le metsaneng ya teng.

1 Dikronike 8