1 Dikronike 8:27-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. le Jaareshia, Elia, le Sikri: ke bara ba Jerohame.

28. Bao ke dihlooho tsa matlo a bontata bona, melokong ya bona; ke dihlooho. Ba ne ba ahile Jerusalema.

29. Gibeone ho ne ho ahile ntata Gibeone; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.

30. Mora hae wa letsibolo ke Abdone, bara ba bang ke Tsure, Kishe, Baale, Nadabe,

31. Gedore, Akio, le Sekere.

32. Miklothe yena a tswala Shimea. Bao ba ne ba ahile Jerusalema le banababo bona, mabapa le bona.

33. Nere a tswala Kishe, Kishe yena a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane, Malkishua, Abinadabe, le Eshbaale.

34. Mora Jonathane ke Meribe-Baale; mme Meribe-Baale a tswala Mikea.

1 Dikronike 8