1 Dikronike 8:24-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Hanania, Elame, Anthothija,

25. Jifdeia, le Penuele: ke bara ba Shashake;

26. le Shamsherai, Sheharia, Athalia,

27. le Jaareshia, Elia, le Sikri: ke bara ba Jerohame.

28. Bao ke dihlooho tsa matlo a bontata bona, melokong ya bona; ke dihlooho. Ba ne ba ahile Jerusalema.

29. Gibeone ho ne ho ahile ntata Gibeone; lebitso la mosadi wa hae e ne e le Maaka.

30. Mora hae wa letsibolo ke Abdone, bara ba bang ke Tsure, Kishe, Baale, Nadabe,

31. Gedore, Akio, le Sekere.

32. Miklothe yena a tswala Shimea. Bao ba ne ba ahile Jerusalema le banababo bona, mabapa le bona.

33. Nere a tswala Kishe, Kishe yena a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane, Malkishua, Abinadabe, le Eshbaale.

34. Mora Jonathane ke Meribe-Baale; mme Meribe-Baale a tswala Mikea.

35. Bara ba Mikea ke Pithone, Meleke, Thaerea, le Akase.

36. Akase a tswala Jehoadda; Jehoadda a tswala Alemethe, Asmavethe, le Simri; Simri a tswala Motsa.

37. Motsa a tswala Binea; mora hae ke Rafa, mora hae ke Eleasa, mora hae ke Atsele.

38. Atsele yena a ba le bara ba tsheletseng; mabitso a bona ke Asrikame, Bokru, Ishmaele, Shearia, Obadia, le Hanane. Bao kaofela ke bara ba Atsele.

39. Bara ba Esheke ngwanabo, letsibolo la hae ke Ulame, wa bobedi ke Jeushe, wa bararo ke Elifelethe.

40. Bara ba Ulame e ne e le bahale, le ba fulang ka seqha; ba eba le bana ba bangata le ditloholo, ba etsa lekgolo le nang le mashome a mahlano. Bao kaofela ke bara ba Benjamine.

1 Dikronike 8