1. Haele Benjamine, a tswala letsibolo la hae Bela; Ashbele ya eba wa bobedi, Akra wa boraro,
2. Noha wa bone, le Rafa wa bohlano.
3. Bara ba Bela ke Addare, Gera, Abihude,
4. Abishua, Naamane, Akowa,
5. Gera, Shefufane, le Hurame.
6. Bana ba Ehude ke bana; e ne e le dihlooho tsa matlo a bontata baahi ba Geba, ba ba ba ba falaletsa Manahathe:
7. ke Naamane, Akija, le Gera; Gera ke yena ya neng a ba falatse. A tswala Ussa le Akihude.
8. Shaharaime a tswala bana naheng ya Moabe, hobane a kgutlise basadi ba hae Hushime le Baara.
9. Ka mosadi wa hae Hodeshe, a tswala Jobabe, Tsibia, Mesha, Malkame,
10. Jeutse, Shokia, le Mirma. Ke bona bara ba hae, dihlooho tsa matlo a bontata bona.
11. Ka Hushime, a tswala Abithube le Elpaale.