1 Dikronike 7:24-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Moradi wa hae ke Sheera, ya ileng a haha Bethe-Horone ya katlase, le Bethe-Horone ya kahodimo, le Ussene-Sheera.

25. Mora Beria ke Refa, e mong ke Reshefe, le Thela, mora hae le Thahane, mora hae,

26. le Laedane, mora hae, le Ammihude, mora hae, le Elishama, mora hae,

27. le Nune, mora hae, le Joshua, mora hae.

28. Fatshe la bona le neng le ruilwe ke bona le madulo a bona e ne e le Bethele le metsana ya teng, le Naarane ka nqa botjhabela, le Gesere nqa bophirimela le metsana ya teng; Sikeme le metsana ya teng, ho ya fihla Gasa le metsana ya teng;

29. pela moedi wa bana ba Manasse ke Bethe-Sheane le metsana ya teng, Thaanake le metsana ya teng, Megiddo le metsana ya teng, Dore le metsana ya teng. Metseng eo, ho ne ho ahile bana ba Josefa, mora Iseraele.

30. Bara ba Asere ke Jimna, Jishva, Jishvi, Beria, le Sera kgaitsedi ya bona.

31. Bara ba Beria ke Hebere le Malkiele, ntata Birsavithe.

32. Hebere yena a tswala Jaflethe, Shomere, Hothame, le Shua kgaitsedi ya bona.

33. Bara ba Jaflethe ke Pasake, Bimhale, le Ashvathe. Bao ke bana ba Jaflethe.

34. Bara ba Shamere ke Aki, Rohega, Hubba le Arame.

35. Bara ba Heleme moenae ke Tsofa, Jimna, Sheleshe, le Amale.

36. Bara ba Tsofa ke Sua, Harnefere, Shuale, Beri, Jimra,

37. Betsere, Hode, Shamma, Shilsha, Jithrane, le Beera.

38. Bara ba Jethere ke Jefunne, Pispa, le Ara.

39. Bara ba Ulla ke Ara, Hanniele, le Ritsia.

40. Bao kaofela ke bana ba Asere, e ne e le dihlooho matlung a bontata bona, banna ba kgethilweng, ba bahale, ba baholo hara mahosana. Ka ho ya ka lesika la bona, ba teng ba neng ba loketse ho futuha le ho lwana e ne e le ba dikete tse mashome a mabedi a metso e tsheletseng.

1 Dikronike 7