1 Dikronike 7:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. le Sabade, mora hae, le Shutela, mora hae, le Esere, le Eleade, ba neng ba bolawe ke banna ba Gathe ba neng ba le naheng eo, mohla ba futuhelang ho hapa dikgomo.

22. Ntata bona Efraime a ba llela ka matsatsi a mangata, mme banababo ba tla ho yena matshedisong.

23. A boela a ya ho mosadi wa hae, mme a emola, a ba a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Beria (ya kotsing), kahobane ntlo ya hae e ne e tswile kotsi.

24. Moradi wa hae ke Sheera, ya ileng a haha Bethe-Horone ya katlase, le Bethe-Horone ya kahodimo, le Ussene-Sheera.

25. Mora Beria ke Refa, e mong ke Reshefe, le Thela, mora hae le Thahane, mora hae,

26. le Laedane, mora hae, le Ammihude, mora hae, le Elishama, mora hae,

27. le Nune, mora hae, le Joshua, mora hae.

28. Fatshe la bona le neng le ruilwe ke bona le madulo a bona e ne e le Bethele le metsana ya teng, le Naarane ka nqa botjhabela, le Gesere nqa bophirimela le metsana ya teng; Sikeme le metsana ya teng, ho ya fihla Gasa le metsana ya teng;

29. pela moedi wa bana ba Manasse ke Bethe-Sheane le metsana ya teng, Thaanake le metsana ya teng, Megiddo le metsana ya teng, Dore le metsana ya teng. Metseng eo, ho ne ho ahile bana ba Josefa, mora Iseraele.

30. Bara ba Asere ke Jimna, Jishva, Jishvi, Beria, le Sera kgaitsedi ya bona.

31. Bara ba Beria ke Hebere le Malkiele, ntata Birsavithe.

1 Dikronike 7