1 Dikronike 7:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Bara ba Nefthali ke Jahtsiele, Guni Jetsere, le Shallume; bao ke bara ba Bilha.

14. Bara ba Manasse, ke Asriele eo mosadi wa hae a mo tswaletseng yena; serethe sa hae sa Mosiria se mo tswalla Makire, ntata Gileade;

15. Makire a nka mosadi wa Huppime le Shuppime; lebitso la kgaitsedi ya hae ke Maaka. Bitso la mora wa hae wa bobedi ke Tselofkade; mme Tselofkade a tswala basetsana.

16. Maaka, mosadi wa Makire, a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Pereshe; bitso la moenae ya eba Shereshe, mme bara ba hae ke Ulame le Rekeme.

17. Mora wa Ulame ke Bedane. Bao ke bara ba Gileade, mora Makire, mora Manasse.

18. Kgaitsedi ya hae Hammolekethe a tswala Ishode, Abiesere, le Mahala.

19. Bara ba Shemida ke Akiane, Sikeme, Likhi, le Aniame.

20. Bara ba Efraime ke Shuthela, le mora hae Berede, le Thahathe, mora hae, le Eleada, mora hae, le Thahathe, mora hae,

21. le Sabade, mora hae, le Shutela, mora hae, le Esere, le Eleade, ba neng ba bolawe ke banna ba Gathe ba neng ba le naheng eo, mohla ba futuhelang ho hapa dikgomo.

22. Ntata bona Efraime a ba llela ka matsatsi a mangata, mme banababo ba tla ho yena matshedisong.

23. A boela a ya ho mosadi wa hae, mme a emola, a ba a tswala moshanyana, mme a mo rea lebitso la Beria (ya kotsing), kahobane ntlo ya hae e ne e tswile kotsi.

24. Moradi wa hae ke Sheera, ya ileng a haha Bethe-Horone ya katlase, le Bethe-Horone ya kahodimo, le Ussene-Sheera.

25. Mora Beria ke Refa, e mong ke Reshefe, le Thela, mora hae le Thahane, mora hae,

1 Dikronike 7