1 Dikronike 7:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba Issaskare ke Thola, Pua, Jashube, le Shimrone; ba bane.

2. Bara ba Thola ke Ussi, Refaia, Jeriele, Jahmai, Jibsame, le Samuele; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, ke ba ha Thola; e ne e le banna ba bahale melokong ya bona. Mehleng ya Davida, ba ntlo eo e ne e le banna ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le makgolo a tsheletseng.

3. Mora wa Ussi ke Jisraia; bara ba Jisraia ke Mikaele, Obadia, Joele, le Jishia; ba bahlano; kaofela ha bona e ne e le mahosana.

4. Melokong ya bona, ha ho uwa ka matlo a bontata bona, ba ne ba ena le dihlopha tsa bahlabani ba lwanang, ba etsang batho ba dikete tse mashome a mararo a metso e tsheletseng; ba ne ba na le basadi le bana ba bangata.

5. Bao e leng banababo bona melokong yohle ya Issaskare, e ne e le banna ba bahale, bao palo ya bona masikeng wohle a bona e neng e le dikete tse mashome a robileng meno e le mmedi a metso e supileng.

6. Bara ba Benjamine ke Bela, Bekere, le Jediaele; ba bararo.

7. Bara ba Bela ke Etsbone, Ussi, Usiele, Jerimothe, le Iri; ba bahlano; e ne e le dihlooho matlung a bontata bona, banna ba bahale; masikeng a bona ha ba balwa, e ne e le dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi tse nang le mashome a mararo a metso e mene.

8. Bara ba Bekere ke Semira, Joashe, Eliesere, Eleoenai, Omri, Jerimothe, Abija, Anathothe, le Alamethe. Bao kaofela ke bara ba Bekere.

9. Ha ba balwa ka lesika la bona le meloko ya bona, ho uwa ka dihlooho tsa matlo a bontata bona, banna ba bahale, ba etsa kete tse mashome a mabedi tse nang le makgolo a mabedi.

10. Hape, mora wa Jediaele ke Bilhane; bara ba Bilhane ke Jeushe, Benjamine, Ehude, Kenaana, Sethane, Tarshishe, le Akishahare.

11. Bao kaofela ke bara ba Jediaele, ha ho uwa ka dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le banna ba bahale, banna ba dikete tse leshome le metso e supileng tse nang le makgolo a mabedi, ba loketseng ho futuha le ho lwana.

12. Hape, ho na le Shuppime, le Huppime, bara ba Ire. Hape ke Hushime, mora wa Akere.

1 Dikronike 7