1 Dikronike 6:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Akimaatse a tswala Asaria, Asaria a tswala Johanane,

10. Johanane a tswala Asaria, ya kileng a tshwara tshebetso ya boprista tempeleng e hahilweng Jerusalema ke Salomone;

11. Asaria a tswala Amaria, Amaria a tswala Akitube,

12. Akitube a tswala Tsadoke, Tsadoke a tswala Shallume,

13. Shallume a tswala Hilkia, Hilkia a tswala Asaria,

14. Asaria a tswala Seraia, Seraia a tswala Jehotsadake.

15. Ke eo Jehotsadake ya ileng kgolehong, mohla Jehova a tlosang Juda le ba Jerusalema ka letsoho la Nebukadnesare.

16. Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.

17. Mabitso a bara ba Gershome ke Libni le Shimei.

18. Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone, le Usiele.

19. Bara ba Merari ke Mahali le Mushi. Ke eo meloko ya Balevi ka ho ya ka bontata bona.

1 Dikronike 6