1 Dikronike 6:64-74 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

64. Bana ba Iseraele ba nea Balevi metse eo ka mathoko a yona.

65. Hape, lelokong la bana ba Juda, le lelokong la bana ba Simeone, le lelokong la bana ba Benjamine, ba ba nea, ka lotho, metse eo e thontsweng ka mabitso a yona.

66. Ba setseng ba meloko ya bara ba Kehathe ba bona metse eo ba ka ahang ho yona lelokong la Efraime.

67. Ba ba nea metse ya setshabelo: ke Sikeme, thabeng ya Efraime, le mathoko a teng; le Gesere ka mathoko a teng,

68. le Jokmeame ka mathoko a teng, le Bethe-Horone le mathoko a teng;

69. le Ajalone le mathoko a teng, le Gathe-Rimmone le mathoko a teng;

70. le mothapong o mong wa leloko la Manasse, ba setseng ba leloko la bara ba Kehathe ba newa Anere le mathoko a teng, le Bileame le mathoko a teng.

71. Bara ba Gershome bona ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane le mathoko a teng naheng ya Bashane, le Ashtarothe le mathoko a teng;

72. lelokong la Issaskare, ba newa Kedeshe le mathoko a teng, Dabrathe le mathoko a teng,

73. le Ramothe ka mathoko a teng, le Aneme ka mathoko a teng.

74. Lelokong la Asere, ba newa Mashale ka mathoko a teng, le Abdone ka mathoko a teng,

1 Dikronike 6