55. Ba newa Hebrone naheng ya Juda, le mathoko a teng ka nqa tsohle.
56. Haele masimo a motse oo le metsana ya wona, ba e nea Kalebe, mora Jefunne.
57. Hape, bara ba Aarone ba newa metse e meng Juda: ke Hebrone, motse wa setshabelo, le Libna, ka mathoko a wona, le Jatthire le Eshthemowa ka mathoko a teng,
58. le Hilene le mathoko a teng, le Debire le mathoko a teng,
59. ka Ashane le mathoko a teng, le Bethe-Shemeshe ka mathoko a teng.
60. Lelokong la Benjamine, ba newa Geba le mathoko a teng, le Allemethe le mathoko a teng, le Anathothe ka mathoko a teng. Metse yohle ya bona, melokong ya bona, e ne e le metse e leshome le metso e meraro.
61. Bara ba Kehathe, ba neng ba setse ba mofuta wa leloko leo, ba newa metse ka lotho naheng ya leloko la Efraime, le ya leloko la Dane le ya mothapo o mong wa leloko la Manasse, ya eba metse e leshome.
62. Bara ba Gershome bona, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le lelokong la Manasse naheng ya Bashane.
63. Bara ba Merari, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e mmedi ka lotho lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.
64. Bana ba Iseraele ba nea Balevi metse eo ka mathoko a yona.
65. Hape, lelokong la bana ba Juda, le lelokong la bana ba Simeone, le lelokong la bana ba Benjamine, ba ba nea, ka lotho, metse eo e thontsweng ka mabitso a yona.
66. Ba setseng ba meloko ya bara ba Kehathe ba bona metse eo ba ka ahang ho yona lelokong la Efraime.
67. Ba ba nea metse ya setshabelo: ke Sikeme, thabeng ya Efraime, le mathoko a teng; le Gesere ka mathoko a teng,
68. le Jokmeame ka mathoko a teng, le Bethe-Horone le mathoko a teng;
69. le Ajalone le mathoko a teng, le Gathe-Rimmone le mathoko a teng;
70. le mothapong o mong wa leloko la Manasse, ba setseng ba leloko la bara ba Kehathe ba newa Anere le mathoko a teng, le Bileame le mathoko a teng.
71. Bara ba Gershome bona ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane le mathoko a teng naheng ya Bashane, le Ashtarothe le mathoko a teng;
72. lelokong la Issaskare, ba newa Kedeshe le mathoko a teng, Dabrathe le mathoko a teng,