51. le Bukki, mora hae, le Ussi, mora hae, le Serahia, mora hae,
52. le Merajothe, mora hae, le Amaria, mora hae, le Akitube, mora hae,
53. le Tsadoke, mora hae, le Akimaatse, mora hae.
54. Madulo a bara ba Aarone, ba meloko ya Bakehathe, a metse ya bona naheng ya bona, ao ba kileng ba abelwa wona ka lotho, ke ana:
55. Ba newa Hebrone naheng ya Juda, le mathoko a teng ka nqa tsohle.
56. Haele masimo a motse oo le metsana ya wona, ba e nea Kalebe, mora Jefunne.
57. Hape, bara ba Aarone ba newa metse e meng Juda: ke Hebrone, motse wa setshabelo, le Libna, ka mathoko a wona, le Jatthire le Eshthemowa ka mathoko a teng,
58. le Hilene le mathoko a teng, le Debire le mathoko a teng,
59. ka Ashane le mathoko a teng, le Bethe-Shemeshe ka mathoko a teng.
60. Lelokong la Benjamine, ba newa Geba le mathoko a teng, le Allemethe le mathoko a teng, le Anathothe ka mathoko a teng. Metse yohle ya bona, melokong ya bona, e ne e le metse e leshome le metso e meraro.