1 Dikronike 6:49-63 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

49. Aarone le bara ba hae ba ne ba hlahisa mahlabelo aletareng ya ditjheso le dibano aletareng ya dibano; hape ba ne ba neilwe mesebetsi yohle ya sehalaledisiso, hore ba etsetse Iseraele pheko, kahohle kamoo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a laetse kateng.

50. Bara ba Aarone, ke Eleasare, mora hae, le Finease, mora hae, le Abishua, mora hae,

51. le Bukki, mora hae, le Ussi, mora hae, le Serahia, mora hae,

52. le Merajothe, mora hae, le Amaria, mora hae, le Akitube, mora hae,

53. le Tsadoke, mora hae, le Akimaatse, mora hae.

54. Madulo a bara ba Aarone, ba meloko ya Bakehathe, a metse ya bona naheng ya bona, ao ba kileng ba abelwa wona ka lotho, ke ana:

55. Ba newa Hebrone naheng ya Juda, le mathoko a teng ka nqa tsohle.

56. Haele masimo a motse oo le metsana ya wona, ba e nea Kalebe, mora Jefunne.

57. Hape, bara ba Aarone ba newa metse e meng Juda: ke Hebrone, motse wa setshabelo, le Libna, ka mathoko a wona, le Jatthire le Eshthemowa ka mathoko a teng,

58. le Hilene le mathoko a teng, le Debire le mathoko a teng,

59. ka Ashane le mathoko a teng, le Bethe-Shemeshe ka mathoko a teng.

60. Lelokong la Benjamine, ba newa Geba le mathoko a teng, le Allemethe le mathoko a teng, le Anathothe ka mathoko a teng. Metse yohle ya bona, melokong ya bona, e ne e le metse e leshome le metso e meraro.

61. Bara ba Kehathe, ba neng ba setse ba mofuta wa leloko leo, ba newa metse ka lotho naheng ya leloko la Efraime, le ya leloko la Dane le ya mothapo o mong wa leloko la Manasse, ya eba metse e leshome.

62. Bara ba Gershome bona, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le lelokong la Manasse naheng ya Bashane.

63. Bara ba Merari, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e mmedi ka lotho lelokong la Rubene, le lelokong la Gade, le lelokong la Sabulone.

1 Dikronike 6