1 Dikronike 6:43-61 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. mora Jahathe, mora Gershome, mora Levi.

44. Haele banababo bona, bara ba Merari, ba ne ba ema ka letsohong le letshehadi: e ne e le Ethane, mora Kishi, mora Abdi, mora Malluke,

45. mora Hashabia, mora Amatsia, mora Hilkia,

46. mora Amtsi, mora Bani, mora Shemere,

47. mora Mahali, mora Mushi, mora Merari, mora Levi.

48. Banababo bona, e leng Balevi ba bang, le bona ba newa ditshebetso tsohle tsa tabernakele ya ntlo ya Modimo.

49. Aarone le bara ba hae ba ne ba hlahisa mahlabelo aletareng ya ditjheso le dibano aletareng ya dibano; hape ba ne ba neilwe mesebetsi yohle ya sehalaledisiso, hore ba etsetse Iseraele pheko, kahohle kamoo Moshe, mohlanka wa Modimo, a neng a laetse kateng.

50. Bara ba Aarone, ke Eleasare, mora hae, le Finease, mora hae, le Abishua, mora hae,

51. le Bukki, mora hae, le Ussi, mora hae, le Serahia, mora hae,

52. le Merajothe, mora hae, le Amaria, mora hae, le Akitube, mora hae,

53. le Tsadoke, mora hae, le Akimaatse, mora hae.

54. Madulo a bara ba Aarone, ba meloko ya Bakehathe, a metse ya bona naheng ya bona, ao ba kileng ba abelwa wona ka lotho, ke ana:

55. Ba newa Hebrone naheng ya Juda, le mathoko a teng ka nqa tsohle.

56. Haele masimo a motse oo le metsana ya wona, ba e nea Kalebe, mora Jefunne.

57. Hape, bara ba Aarone ba newa metse e meng Juda: ke Hebrone, motse wa setshabelo, le Libna, ka mathoko a wona, le Jatthire le Eshthemowa ka mathoko a teng,

58. le Hilene le mathoko a teng, le Debire le mathoko a teng,

59. ka Ashane le mathoko a teng, le Bethe-Shemeshe ka mathoko a teng.

60. Lelokong la Benjamine, ba newa Geba le mathoko a teng, le Allemethe le mathoko a teng, le Anathothe ka mathoko a teng. Metse yohle ya bona, melokong ya bona, e ne e le metse e leshome le metso e meraro.

61. Bara ba Kehathe, ba neng ba setse ba mofuta wa leloko leo, ba newa metse ka lotho naheng ya leloko la Efraime, le ya leloko la Dane le ya mothapo o mong wa leloko la Manasse, ya eba metse e leshome.

1 Dikronike 6