32. ba nna ba etsa tshebetso eo ka pina pela moo tabernakele ya tente ya pokano e hlomilweng teng, ho fihlela ha Salomone a haha ntlo ya Jehova Jerusalema; teng, ba boela ba tshwara tshebetso ya bona ka lenaneo la bona la ho fapana.
33. Ba neng ba tshwara tshebetso eo hammoho le bana ba bona, ho bara ba Bakehathe e ne e le sebini Hemane, mora Joele, mora Samuele,
34. mora Elkana, mora Jerohame, mora Eliele, mora Thowa,
35. mora Tsufe, mora Elkana, mora Mahathe, mora Amasai,
36. mora Elkana, mora Joele, mora Asaria, mora Sofonia,
37. mora Thahathe, mora Assire, mora Ebiasafe, mora Kore,
38. mora Jitsehare, mora Kehathe, mora Levi, mora Iseraele.
39. E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea,
40. mora Mikaele, mora Baaseia, mora Malkija,
41. mora Ethni, mora Sera, mora Adaia,
42. mora Ethane, mora Simma, mora Shimei,
43. mora Jahathe, mora Gershome, mora Levi.