1 Dikronike 6:26-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Haele Elkana, mora wa Elkana ke Tsofai, mora wa hae, Nahathe, mora wa hae,

27. Eliabe, mora wa hae, le Jerohame, mora wa hae, le Elkana, mora wa hae.

28. Bara ba Samuele, ke Joele, letsibolo la hae, wa bobedi ke Abia.

29. Bara ba Merari ke Mahali, le Libni, mora wa hae, le Shimei, mora wa hae, le Ussa, mora wa hae,

30. le Shimea, mora wa hae, le Haggia, mora wa hae, le Asaia mora wa hae.

31. Ba kileng ba bewa ke Davida ho tsamaisa tshebetso ya dipina tlung ya Jehova, mohla areka e boneng phomolo, ke bana:

32. ba nna ba etsa tshebetso eo ka pina pela moo tabernakele ya tente ya pokano e hlomilweng teng, ho fihlela ha Salomone a haha ntlo ya Jehova Jerusalema; teng, ba boela ba tshwara tshebetso ya bona ka lenaneo la bona la ho fapana.

33. Ba neng ba tshwara tshebetso eo hammoho le bana ba bona, ho bara ba Bakehathe e ne e le sebini Hemane, mora Joele, mora Samuele,

34. mora Elkana, mora Jerohame, mora Eliele, mora Thowa,

35. mora Tsufe, mora Elkana, mora Mahathe, mora Amasai,

36. mora Elkana, mora Joele, mora Asaria, mora Sofonia,

37. mora Thahathe, mora Assire, mora Ebiasafe, mora Kore,

1 Dikronike 6