1 Dikronike 6:14-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Asaria a tswala Seraia, Seraia a tswala Jehotsadake.

15. Ke eo Jehotsadake ya ileng kgolehong, mohla Jehova a tlosang Juda le ba Jerusalema ka letsoho la Nebukadnesare.

16. Bara ba Levi ke Gershome, Kehathe, le Merari.

17. Mabitso a bara ba Gershome ke Libni le Shimei.

18. Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone, le Usiele.

19. Bara ba Merari ke Mahali le Mushi. Ke eo meloko ya Balevi ka ho ya ka bontata bona.

20. Bara ba Gershome ke Libni, mora wa hae, le Jahathe, mora wa hae, le Simma, mora wa hae,

21. le Jowa, mora wa hae, le Iddo, mora wa hae, le Sera, mora wa hae, le Jeathrai, mora wa hae.

22. Bara ba Kehathe ke Amminadabe, mora wa hae, le Kore, mora wa hae, le Assire, mora wa hae,

23. le Elkana, mora wa hae, le Ebiasafe, mora wa hae, le Assire, mora wa hae,

24. le Thahathe, mora wa hae, le Uriele, mora wa hae, le Osiase, mora wa hae, le Saule, mora wa hae.

25. Bara ba Elkana ke Amasai le Akimothe.

26. Haele Elkana, mora wa Elkana ke Tsofai, mora wa hae, Nahathe, mora wa hae,

1 Dikronike 6