1 Dikronike 5:7-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Meloko ya banababo, ha ho balwa lesika la meloko ya bona, e moholo e ne e le Jeiele, le Sakaria,

8. le Bela mora Asase, mora Shema, mora Joele, ya neng a ahile Aroere, ho ya fihla Nebo le Baale-Meone;

9. ka nqa botjhabela, o ne a ahile naheng e fihlang moeding wa lefeella, ho tloha nokeng ya Eufrate; hobane mehlape ya bona e ne e atile haholo naheng ya Gileade.

1 Dikronike 5