20. Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.
21. Ba hapa le makgomo a bona, dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano a dikete, le diesele tse kete tse pedi, ba bolaya le batho ba lekgolo la dikete.
22. Ha fela ha bolawa ba bangata, hobane ntwa e ne e le ya Modimo. Mme ba aha tulong tsa bona ho fihlela mohla kgoleho.
23. Le bona bana ba mothapo o mong wa Manasse ba aha naheng eo; ba aha ba tletse ho tloha Bashane ho ya Baale-Hermone, le Senire, le thabeng ya Hermone.
24. Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke Efere, le Jishei, le Eliele, le Asriele, le Jeremia, le Hodavia, le Jahdiele, e neng e le bahale, banna ba tumileng, dihlooho tsa matlo a bontata bona.
25. Ba kwenehela Modimo wa bontata bona, mme ba latela medimo ya ditjhaba tsa naha eo, tseo Modimo o neng o di timeditse pela bona.
26. Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.