15. Aki, mora Abdiele, mora Guni, ke kgosana ya matlo a bontata bona.
16. Ba kile ba aha naheng ya Gileade, Bashane, le metseng ya teng, le merakeng yohle ya Sarone, meeding ya yona.
17. Kaofela ha bao ba ne ba ntse ba balwa masikeng a bona mehleng ya Jothame, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, morena wa Iseraele.
18. Bara ba Rubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, bao e neng e le bahale, banna ba hlomelang thebe le sabole, ba fulang ka seqha, ba tsebang ntwa, e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene tse nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng, ba neng ba ka nna ba futuha.
19. Ba hla ba futuhela Bahagarene, le Jethure, le Nafishe, le Nodabe.
20. Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.
21. Ba hapa le makgomo a bona, dikamele tse dikete tse mashome a mahlano, le dinku tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano a dikete, le diesele tse kete tse pedi, ba bolaya le batho ba lekgolo la dikete.