10. Mehleng ya Saule, ba futuhela Bahagarene, ba ba bolaya, mme ba aha ditenteng tsa bona, naheng yohle e nqa botjhabela ho Gileade.
11. Bana ba Gade bona ba ne ba ahile mabapa le Barubene, naheng ya Bashane, ho ya kgutla Salka:
12. e moholo ke Joele, ya mo hlahlamang ke Shafame, le Jaenai, le Shafathe naheng ea Bashane.
13. Banababo, bana ba ntlo ya bontata bona, ke Mikaele, Meshullame, Sheba, Jorai, Jaekane, Sia, le Ebere; ba ne ba supile.
14. Ke bao bana ba Abikaele, mora Huri, mora Jarowa, mora Gileade, mora Mikaele, mora Jeshishai, mora Jahdo, mora Buse;
15. Aki, mora Abdiele, mora Guni, ke kgosana ya matlo a bontata bona.
16. Ba kile ba aha naheng ya Gileade, Bashane, le metseng ya teng, le merakeng yohle ya Sarone, meeding ya yona.
17. Kaofela ha bao ba ne ba ntse ba balwa masikeng a bona mehleng ya Jothame, morena wa Juda, le mehleng ya Jeroboame, morena wa Iseraele.
18. Bara ba Rubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, bao e neng e le bahale, banna ba hlomelang thebe le sabole, ba fulang ka seqha, ba tsebang ntwa, e ne e le dikete tse mashome a mane a metso e mene tse nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng, ba neng ba ka nna ba futuha.