1. Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le yena letsibolo; empa kahobane a ne a silafaditse malao a ntatae, boholo ba hae ba ho tswalwa bo ne bo neilwe bara ba Josefa, mora Iseraele; leha ho le jwalo, e ne e se hore Josefa a ngolwe mangolong a meloko ka ho re o na le boholo ba ho tswalwa.
2. Hobane ke Juda ya ileng a feta banababo, mme ke ho yena ho tswileng morena; leha ho le jwalo, ditokelo tsa boholo ba ho tswalwa e ne e le tsa Josefa.
3. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Henoke, Pallu, Hetsrone, le Karmi.
4. Bara ba Joele ke mora hae Shemaia, le Gogo mora hae, le Shimei mora hae,
5. le Mikea, mora hae, le Reaia mora hae, le Baale mora hae,
6. le Beera mora hae, eo Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, a ileng a mo isa kgolehong; e ne e le kgosana ya Barubene.
7. Meloko ya banababo, ha ho balwa lesika la meloko ya bona, e moholo e ne e le Jeiele, le Sakaria,
8. le Bela mora Asase, mora Shema, mora Joele, ya neng a ahile Aroere, ho ya fihla Nebo le Baale-Meone;
9. ka nqa botjhabela, o ne a ahile naheng e fihlang moeding wa lefeella, ho tloha nokeng ya Eufrate; hobane mehlape ya bona e ne e atile haholo naheng ya Gileade.
10. Mehleng ya Saule, ba futuhela Bahagarene, ba ba bolaya, mme ba aha ditenteng tsa bona, naheng yohle e nqa botjhabela ho Gileade.