32. Metse ya bona ke Ethame, Aine, Rimmone, Thokene, le Ashane: ke metse e mehlano;
33. hape ke metsana ya bona kaofela e neng e kopile metse eo, ho ya fihla Baale. Madulo a bona ke ao le lesika la bona ke leo.
34. Haele Meshobabe, Jamleke, Joshua mora Amatsia,
35. Joele, Jehu mora Joshibia, mora Seraia, mora Asiele,
36. le Elioenai, Jaakoba, Jeshohaia, Asaia, Adiele, Jesimiele, Benaia,
37. le Sisa mora Shifei, mora Allone, mora Jedaia, mora Shimri, mora Shemaia,
38. bao ha ba thonngwa ka mabitso a bona, e ne e le mahosana melokong ya bona; mme matlo a bontata bona a nna a ata haholo.
39. Ba ya fihla pela Gedore, ho ya fihla ka nqa ho le letshehadi ho kgohlo, hore ba batle makgulo a mehlape ya bona.
40. Ba fihlela makgulo a nonneng, a molemo, naha ya teng e le sephara e letse, e dutse ka kgotso; ke Bakama ba neng ba ahile teng mehleng ya boholoholo.
41. Bao ba tswang ho thonngwa ka mabitso a bona ba ne ba tlile moo mehleng ya Esekiase, morena wa Juda; ba ne ba timeditse ditente tsa bona, le Bameunime, mme ba ba neela anathema; le kajeno ho ntse ho le jwalo; ba aha tulong tsa bona; hobane teng ho ne ho na le makgulo a mehlape ya bona.
42. Ba bang ho bona, ba bara ba Simeone, e le banna ba makgolo a mahlano, ba futuhela thaba ya Seire, ba laotswe ke Pelathia, Nearia, Refaia, le Usiele, bara ba Jishei.
43. Ba qhala masala a Baamaleke a neng a phonyohile, mme ba aha teng ho fihla tsatsing la kajeno.