25. le Shallume mora hae, le Mibsame mora hae, le Mishma mora hae.
26. Bara ba Mishma ke mora hae Hammuele, le mora hae Sakkure, le mora hae Shimei.
27. Shimei yena o ne a na le bara ba leshome le metso e tsheletseng le baradi ba tsheletseng; empa banababo ba ne ba se na bana ba bangata, mme masika a bona ha a ka a ata, jwaloka a bana ba Juda.
28. Ba ya haha Beerseba, Molada, Hatsare-Shuale,
29. Bilha, Etseme, Tholade,
30. Bethuele, Horma Tsiklage.
31. Bethe-Markabothe, Hatsare-Susime, Bethe-Birei, le Shaaraime. Ke yona metse ya bona ho ya fihla mehleng ya puso ya Davida.
32. Metse ya bona ke Ethame, Aine, Rimmone, Thokene, le Ashane: ke metse e mehlano;
33. hape ke metsana ya bona kaofela e neng e kopile metse eo, ho ya fihla Baale. Madulo a bona ke ao le lesika la bona ke leo.
34. Haele Meshobabe, Jamleke, Joshua mora Amatsia,
35. Joele, Jehu mora Joshibia, mora Seraia, mora Asiele,