2. Reaia, mora Shobale, a tswala Jahathe; Jahathe a tswala Akumai le Lahade: ke yona meloko ya Batsoreathe.
3. Bao e leng ba Abi-Ethame ke Jisreele, Jishma, le Jidbashe; bitso la kgaitsedi ya bona ke Hatselelponi;
4. hape ke Penuele ntata Gedore, le Esere ntata Husha. Bao ke bara ba Hure, letsibolo la Efrata, ntata Bethlehema.
5. Ashure, ntata Tekowa, o ne a ena le basadi ba babedi, Helea le Naara.
6. Naara a mo tswalla Akussame, Hefere, Themeni, le Ahahashtari: bao ke bara ba Naara.
7. Bara ba Helea ke Tserethe, Tsohare, le Ethnane.
8. Hakotse a tswala Anube, le Hatsobeba, le lesika la Akarhele, mora Harume.
9. Jaebetse yena o ne a hlompheha ho ena le banababo; mme mmae o ne a mo reile lebitso la Jaebetse, ka ho re: Ke mo tswetse ka bohloko.
10. Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.
11. Kelube, ngwanabo Shuha, a tswala Mehire, ntata Eshthone.
12. Eshthone a tswala Bethe-Rafa, Pasea, le Thehinna ntata Irnahashe. Bao ke banna ba ha Reka.
13. Bara ba Kenase ke Othniele le Seraia; mora wa Othniele ke Hathathe.
14. Meonothai a tswala Ofra; mme Seraia a tswala Joabe, ntata Ge-Harashime; bao e ne e le malala.
15. Bara ba Kalebe, mora Jefunne, ke Iru, Ela, le Naame, le bara ba Ela, le Kenase.
16. Bara ba Jehalleleele ke Sife, Sifa, Thiria, le Asareele.
17. Bara ba Esdrase ke Jethere, Merede, Efere, le Jalone; mosadi wa Merede a tswala Miriame, Shammai, le Jishba, ntata Eshthemowa.
18. Mosadi wa hae, Jehudija, a tswala Jerede ntata Gedore, le Hebere ntata Soko, le Jekuthiele ntata Sanowa. Bao ba pele ke bara ba Bithia, moradi wa Faro, ya neng a nyetswe ke Merede.
19. Bara ba mosadi wa Hodia, kgaitsedi ya Nahame, ke ntata Kehila Mogarme, le Eshthemowa Momaakathe.
20. Bara ba Simone ke Amnone, Rinna, Bene-Hanane, le Thilone. Bara ba Jishei ke Sohethe le Bene-Sohethe.