19. Bara ba mosadi wa Hodia, kgaitsedi ya Nahame, ke ntata Kehila Mogarme, le Eshthemowa Momaakathe.
20. Bara ba Simone ke Amnone, Rinna, Bene-Hanane, le Thilone. Bara ba Jishei ke Sohethe le Bene-Sohethe.
21. Bara ba Shela, mora Juda, ke Ere ntata Leka, le Laeda ntata Maresha, le masika a ba neng ba sebetsa masela a lene, e le ba ntlo ya Ashbea,
22. le Jokime, le banna ba Koseba, le Joase, le Sarafe, ba kileng ba busa Moabe, le Jashubi-Leheme. Taba tseo ke taba tsa kgale.
23. Bao ke dibopi; ba ne ba ahile Netaime le Gedera; ba ne ba aha hammoho le morena, ba tle ba sebetse mosebetsi wa hae.
24. Bara ba Simeone ke Nemuele, Jamine, Jeribe, Sera, le Saule;
25. le Shallume mora hae, le Mibsame mora hae, le Mishma mora hae.
26. Bara ba Mishma ke mora hae Hammuele, le mora hae Sakkure, le mora hae Shimei.
27. Shimei yena o ne a na le bara ba leshome le metso e tsheletseng le baradi ba tsheletseng; empa banababo ba ne ba se na bana ba bangata, mme masika a bona ha a ka a ata, jwaloka a bana ba Juda.
28. Ba ya haha Beerseba, Molada, Hatsare-Shuale,
29. Bilha, Etseme, Tholade,
30. Bethuele, Horma Tsiklage.
31. Bethe-Markabothe, Hatsare-Susime, Bethe-Birei, le Shaaraime. Ke yona metse ya bona ho ya fihla mehleng ya puso ya Davida.