1 Dikronike 4:18-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Mosadi wa hae, Jehudija, a tswala Jerede ntata Gedore, le Hebere ntata Soko, le Jekuthiele ntata Sanowa. Bao ba pele ke bara ba Bithia, moradi wa Faro, ya neng a nyetswe ke Merede.

19. Bara ba mosadi wa Hodia, kgaitsedi ya Nahame, ke ntata Kehila Mogarme, le Eshthemowa Momaakathe.

20. Bara ba Simone ke Amnone, Rinna, Bene-Hanane, le Thilone. Bara ba Jishei ke Sohethe le Bene-Sohethe.

21. Bara ba Shela, mora Juda, ke Ere ntata Leka, le Laeda ntata Maresha, le masika a ba neng ba sebetsa masela a lene, e le ba ntlo ya Ashbea,

22. le Jokime, le banna ba Koseba, le Joase, le Sarafe, ba kileng ba busa Moabe, le Jashubi-Leheme. Taba tseo ke taba tsa kgale.

23. Bao ke dibopi; ba ne ba ahile Netaime le Gedera; ba ne ba aha hammoho le morena, ba tle ba sebetse mosebetsi wa hae.

24. Bara ba Simeone ke Nemuele, Jamine, Jeribe, Sera, le Saule;

25. le Shallume mora hae, le Mibsame mora hae, le Mishma mora hae.

26. Bara ba Mishma ke mora hae Hammuele, le mora hae Sakkure, le mora hae Shimei.

27. Shimei yena o ne a na le bara ba leshome le metso e tsheletseng le baradi ba tsheletseng; empa banababo ba ne ba se na bana ba bangata, mme masika a bona ha a ka a ata, jwaloka a bana ba Juda.

28. Ba ya haha Beerseba, Molada, Hatsare-Shuale,

1 Dikronike 4