1 Dikronike 4:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bara ba Juda ke Peretse, Hetsrone, Karmi, Hure, le Shobale.

2. Reaia, mora Shobale, a tswala Jahathe; Jahathe a tswala Akumai le Lahade: ke yona meloko ya Batsoreathe.

3. Bao e leng ba Abi-Ethame ke Jisreele, Jishma, le Jidbashe; bitso la kgaitsedi ya bona ke Hatselelponi;

4. hape ke Penuele ntata Gedore, le Esere ntata Husha. Bao ke bara ba Hure, letsibolo la Efrata, ntata Bethlehema.

5. Ashure, ntata Tekowa, o ne a ena le basadi ba babedi, Helea le Naara.

6. Naara a mo tswalla Akussame, Hefere, Themeni, le Ahahashtari: bao ke bara ba Naara.

7. Bara ba Helea ke Tserethe, Tsohare, le Ethnane.

8. Hakotse a tswala Anube, le Hatsobeba, le lesika la Akarhele, mora Harume.

9. Jaebetse yena o ne a hlompheha ho ena le banababo; mme mmae o ne a mo reile lebitso la Jaebetse, ka ho re: Ke mo tswetse ka bohloko.

10. Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.

11. Kelube, ngwanabo Shuha, a tswala Mehire, ntata Eshthone.

12. Eshthone a tswala Bethe-Rafa, Pasea, le Thehinna ntata Irnahashe. Bao ke banna ba ha Reka.

1 Dikronike 4