4. Bao ba tsheletseng a tswallwa bona a le Hebrone; ke hona moo a kileng a busa lemo tse supileng tse nang le kgwedi tse tsheletseng; mme Jerusalema, a boela a busa lemo tse mashome a mararo a metso e meraro.
5. Bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema ke bana: ke Shimea, Shobabe, Nathane, le Salomone, ba bane ke ba Bathe-Shua, moradi wa Ammiele;
6. hape, ke Jibhare, Elishama, Elifelethe,
7. Noga, Nefege, Jafia,
8. Elishama, Eliada, le Elifelethe; bao ba robile mono o le mong.
9. Bao kaofela e ne e le bara ba Davida, ho sa balwe le bara ba hae ba direthe. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare.
10. Mora Salomone ke Roboame, mora wa hae ke Abija, mora wa hae ke Asa, mora wa hae ke Josafate,
11. mora wa hae ke Jorame, mora wa hae ke Akasia, mora wa wa hae ke Joase,
12. mora wa hae ke Amatsia, mora wa hae ke Asaria, mora wa hae ke Jothame,
13. mora wa hae ke Akase, mora wa hae ke Esekiase, mora wa hae ke Manasse,