16. Bara ba Jojakime ke mora hae Jekonia; mora hae ke Tsedekia.
17. Bara ba Jekonia ke Assire; bara ba hae ke Salathiele,
18. Malkirame, Pedaia, Shenatsare, Jekamia, Hoshama, le Nedabia.
19. Bara ba Pedaia ke Sorobabele, le Shimei; bara ba Sorobabele ke Meshullame, le Hanania, le kgaitsedi ya bona Shelomithe;
20. le Hashuba, Ohele, Berekia, Hasadia, le Jushabe-Hesede: bao ba bahlano.
21. Bara ba Hanania ke Pelethia le Esaia; hape, ke bara ba Rafaia, le bara ba Arnane, le bara ba Obadia, le bara ba Shekania.
22. Mora wa Shekania ke Shemaia; bara ba Shemaia ke Hattushe, Jigeale, Baria, Nearia, le Shafathe: bao ba tsheletse.
23. Bara ba Nearia ke Eleoenai, Esekiase, le Asrikame: bao ba bararo.
24. Bara ba Eleoenai ke Hodavia, Eliashibe, Pelaia, Akkube, Johanane, Delaia, le Anani: bao ba supile.