1. Bara ba Davida, bao a ba tswaletsweng a le Hebrone ke bana: Wa letsibolo ke Amnone wa Akinoame wa Jisreele; wa bobedi ke Daniele wa Abigaile wa Karmele;
2. wa boraro ke Absalome, mora Maaka, moradi wa Talmai, morena wa Geshure; wa bone ke Adonija, mora Haggithe;
3. wa bohlano ke Shefatia wa Abithale; wa botshelela ke Jithreame, ka Egla, mosadi wa hae.