9. Setjhaba sa thabela tseo bao ba di ntshitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo yohle ba neng ba neela Jehova dimpho tsa bona tsa ho rata; le yena morena Davida a di thabela ka thabo e kgolo.
10. Yaba Davida o boka Jehova pela phutheho kaofela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele ntata rona, o bokwe ka ho sa feleng le ka ho sa feleng!
11. Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlotlo, le hlolo, le kganya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse mahodimong le lefatsheng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, mme o phahametse tsohle o le morena.
12. Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.
13. Mme jwale, Modimo wa rona, re a o boka, re rorisa lebitso la hao le kganyang.
14. Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.
15. Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.
16. Jehova, Modimo wa rona, bongata boo ba dintho tseo re di lokiseditseng ho o hahela ntlo ka tsona, ho e hahela lebitso la hao le halalelang, bo tswa letsohong la hao; tsohle ke tsa hao.
17. Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.
18. Oho, Jehova, Modimo wa bontata rona Abrahama, Isaaka le Iseraele, o nne o boloke kamehla pelong tsa setjhaba sa hao mokgwa oo wa mehopolo ya bona, mme o tiiselletse dipelo tsa bona ho wena.
19. O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.
20. Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.