19. O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.
20. Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.
21. Ka la hosasane, ba hlabela Jehova mahlabelo, mme ba ntshetsa Jehova ditjheso tsa dipohwana tse sekete, le tsa dipheleu tse sekete, le tsa dikonyana tse sekete, ka ditshelo tsa tsona, le mahlabelo a mangata a Baiseraele kaofela.
22. Ba eja, ba enwa pela Jehova tsatsing lona leo ka thabo e kgolo; ba boela ba bea Salomone, mora Davida, morena la bobedi, ba mo tlotsa pela Jehova, hore e be motsamaisi wa setjhaba, mme Tsadoke a bewa moprista.
23. Salomone a dula teroneng ya Jehova, ya eba morena tulong tsa Davida ntatae; a atleha, mme Baiseraele bohle ba mo utlwa.
24. Dihlooho tsohle, le dinatla kaofela, le bara bohle ba morena Davida, ba ipea katlasa morena Salomone.
25. Jehova a phahamisa Salomone haholoholo mahlong a Baiseraele bohle, mme a mo nea borena bo kganyang boo ho neng ho eso ho be morena wa Iseraele ya kileng a ba le bo jwalo pele.
26. Davida, mora Jese, ya eba morena wa Baiseraele bohle.
27. Ditshiu tseo a busitseng Iseraele ka tsona ke dilemo tse mashome a mane. A busa ka dilemo tse supileng a le Hebrone; Jerusalema a busa ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro.
28. A shwa a tsofetse haholo, a tletse matsatsi le maruo le kganya; mme Salomone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.
29. Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,
30. hammoho le ditaba tsohle tsa puso ya hae le diketso tsa hae tse phahameng, le ditaba tse hlahileng matsatsing a bophelo ba hae Iseraeleng le mebusong yohle ya mafatshe a mang.