1 Dikronike 28:9-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.

10. Bona jwale hoba Jehova o o kgethile hore o hahe ntlo e tla ba sehalalelo. Iphe matla, mme o etse.

11. Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.

12. A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,

13. a mmolella le tsa dihlopha tsa baprista le Balevi, le tsa tshebeletso yohle ya ntlo ya Jehova, le tsa mesebetsi yohle ya tshebeletso ya ntlo ya Jehova.

14. A mo nea le tekanyo ya mesebetsi ya kgauta, le boima ba tseo e neng e ka kgona di etswe ka kgauta, le tekanyo ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle; a bolela le boima ba mesebetsi yohle ya silefera, le ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle.

15. A mo nea le boima ba dikandelare tsa kgauta le ba dilampi tsa tsona tsa kgauta, e le boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, le ba dikandelare tsa silefera, e leng boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, ka ho ya ka mosebetsi wa kandelare e nngwe le e nngwe.

16. A mo nea kgauta, boima bo itseng ba ho etsa tafole tsa mahobe a pontsha, le ba tafole e nngwe le e nngwe, le silefera ya ho etsa ditafole tsa silefera;

17. le kgauta e hlwekileng ya difereko, le ya mafiso, le ye dinwelo; le ya mehope ya kgauta, boima ba yona bo tshwanelang mohope o mong le o mong; le silefera ya mehope ya silefera, boima bo tshwanelang mohope o mong le o mong;

18. le kgauta e hlwekileng ya aletare ya dibano, boima bo itseng; le tekanyetso ya koloi, ke ho re ya dikerubime tsa kgauta tse otlollelang dipheo tsa tsona tse kgurumetsang areka ya selekane sa Jehova.

1 Dikronike 28