1 Dikronike 28:19-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.

20. Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.

21. Bona hape, dihlopha tsa baprista le tsa Balevi ke tseo, kamoo di lokiseditsweng tshebeletso yohle ya ntlo ya Modimo kateng; hape, bakeng sa mosebetsi wohle, o na le banna bohle ba pelo tse ratang, ba masene mesebetsing yohle; hapehape, dihlooho le sona setjhaba kaofela ha sona di tla ba teng ho wena, ho etsa tsohle tseo o tla di laela.

1 Dikronike 28