11. Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.
12. A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,
13. a mmolella le tsa dihlopha tsa baprista le Balevi, le tsa tshebeletso yohle ya ntlo ya Jehova, le tsa mesebetsi yohle ya tshebeletso ya ntlo ya Jehova.
14. A mo nea le tekanyo ya mesebetsi ya kgauta, le boima ba tseo e neng e ka kgona di etswe ka kgauta, le tekanyo ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle; a bolela le boima ba mesebetsi yohle ya silefera, le ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle.
15. A mo nea le boima ba dikandelare tsa kgauta le ba dilampi tsa tsona tsa kgauta, e le boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, le ba dikandelare tsa silefera, e leng boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, ka ho ya ka mosebetsi wa kandelare e nngwe le e nngwe.
16. A mo nea kgauta, boima bo itseng ba ho etsa tafole tsa mahobe a pontsha, le ba tafole e nngwe le e nngwe, le silefera ya ho etsa ditafole tsa silefera;
17. le kgauta e hlwekileng ya difereko, le ya mafiso, le ye dinwelo; le ya mehope ya kgauta, boima ba yona bo tshwanelang mohope o mong le o mong; le silefera ya mehope ya silefera, boima bo tshwanelang mohope o mong le o mong;
18. le kgauta e hlwekileng ya aletare ya dibano, boima bo itseng; le tekanyetso ya koloi, ke ho re ya dikerubime tsa kgauta tse otlollelang dipheo tsa tsona tse kgurumetsang areka ya selekane sa Jehova.
19. Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.