1 Dikronike 28:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.

2. Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha.

3. Empa Modimo wa re ho nna: O ke ke wa hahela lebitso la ka ntlo, hobane o monna wa ntwa, o tsholotse madi.

4. Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nkgethe hara bohle ba ntlo ya ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng; hobane o fela a kgethile Juda ho mo etsa motsamaisi; tlung ya Juda o kgethile ntlo ya ntate, mme hara bara ba ntate o kgahlilwe ke nna ho nketsa morena wa Baiseraele bohle.

5. Mme hara bara ba ka kaofela — hobane Jehova o nneile bara ba bangata — o kgethile mora ka Salomone, hore a dule teroneng ya mmuso wa Jehova Iseraeleng.

6. O itse ho nna: Ke mora hao Salomone ya tla haha ntlo ya ka le mabala a ka; hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae.

7. Ke tla tiisa mmuso wa hae ka ho sa feleng, ha a ka tiisetsa ho etsa ka melao ya ka le ka ditaelo tsa ka, jwalokaha ho le kajeno.

8. Jwale, mahlong a Baiseraele bohle, a phutheho ya Jehova, Modimo wa rona ha o ntse o re utlwa, ke re: Bolokang, le batle ditaelo tsohle tsa Jehova, Modimo wa lona, hore le nne le rue fatshe lena le molemo, mme le le siele bara ba lona e le lefa la bona kamora lona, ka ho sa feleng.

1 Dikronike 28