1 Dikronike 27:21-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. wa mothapo wa bobedi wa Manasse, Gileade, e ne e le Jiddo, mora Sakaria; wa Benjamine e ne e le Jaasiele, mora Abnere;

22. wa Dane e ne e le Asareele, mora Jerohame. Ke wona mahosana a meloko ya Iseraele.

23. Davida o ne a sa ka a bala palo ya Baiseraele ba neng ba na le dilemo tse sa fihleng mashomeng a mabedi; etswe Jehova a ne a boletse hore o tla atisa Iseraele, a be ka ka dinaledi tsa lehodimo.

24. Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.

25. Asmavethe, mora Adiele, a bewa mohlahlobi wa matlotlo a morena; Jonathane, mora Osiase, a bewa mohlahlobi wa mediko e masimong, le metseng, le metsaneng, le ditoreng.

26. Esri, mora Kelube, a bewa mohlahlobi wa ba sebetsang masimong, ba lemang lefatshe.

27. Mohlahlobi wa masimo a merara ya eba Shimei wa Rama; Sabdi wa Shefame ya eba mohlahlobi wa dipolokelo tsa veine masimong a merara.

28. Baale-Hanane ya eba mohlahlobi wa mehlwaare le disikomora tse leng dithoteng; Joashe yena a hlahloba dipolokelo tsa ole.

29. Shithrai wa Sarone a hlahloba makgomo a fulang Sarone; Shafathe, mora Adlai, yena a hlahloba makgomo a dikgutlong.

30. Obile Moishmaele ya eba mohlahlobi wa dikamele; Jehdia wa Meronothe a hlahloba diesele.

31. Jasise Mohagerene yena a hlahloba manku. Kaofela ha bao e ne e le bahlahlobi ba maruo a morena Davida.

32. Haele Jonathane, maloma Davida, e ne e le monna wa lekgotla, motho ya kelello, ya rutehileng. Jehiele, mora Hakmoni, o ne a dula le bara ba morena.

33. Akitofele e ne e le moeletsi wa morena; Hushai Moarke yena e ne e le motswalle wa morena.

34. Kamora Akitofele, Jehojada, mora Benaia, le Abiathare, e ne e le baeletsi. Molaodi wa makgotla a morena e ne e le Joabe.

1 Dikronike 27