17. wa Balevi e ne e le Hashabia, mora Kemuele; wa Baarone e ne e le Tsadoke;
18. wa Juda e ne e le Elihu, e mong wa banababo Davida; wa Issaskare e ne e le Omri, mora Mikaele;
19. wa Sabulone e ne e le Jishemaia, mora Obadia; wa Nefthali e ne e le Jerimothe, mora Asriele;
20. wa bara ba Efraime e ne e le Hosea, mora Asasia; wa mothapo o mong wa Manasse e ne e le Joele, mora Pedaia;
21. wa mothapo wa bobedi wa Manasse, Gileade, e ne e le Jiddo, mora Sakaria; wa Benjamine e ne e le Jaasiele, mora Abnere;
22. wa Dane e ne e le Asareele, mora Jerohame. Ke wona mahosana a meloko ya Iseraele.
23. Davida o ne a sa ka a bala palo ya Baiseraele ba neng ba na le dilemo tse sa fihleng mashomeng a mabedi; etswe Jehova a ne a boletse hore o tla atisa Iseraele, a be ka ka dinaledi tsa lehodimo.
24. Joabe, mora Tseruja, o ne a qadile ho ba bala, empa a sa ka a phetha, hobane Jehova o ne a halefetse Iseraele, ka baka la palo eo; ke kahoo palo e sa kang ya kena mangolong a morena Davida a ngolwang ka letsatsi le leng le le leng.
25. Asmavethe, mora Adiele, a bewa mohlahlobi wa matlotlo a morena; Jonathane, mora Osiase, a bewa mohlahlobi wa mediko e masimong, le metseng, le metsaneng, le ditoreng.
26. Esri, mora Kelube, a bewa mohlahlobi wa ba sebetsang masimong, ba lemang lefatshe.
27. Mohlahlobi wa masimo a merara ya eba Shimei wa Rama; Sabdi wa Shefame ya eba mohlahlobi wa dipolokelo tsa veine masimong a merara.