1. Bana ke bana ba Iseraele ka palo ya bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba bona, ba neng ba sebeletsa morena tabeng tsohle tsa dihlopha, kamoo di neng di tshwanetse ho kena le ho tswa mosebetsing kateng, ka kgwedi e nngwe le e nngwe, kgweding tsohle tsa selemo; hlopha se seng le se seng e ne e le sa batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
2. Molaodi wa hlopha sa pele, kgweding ya pele, e ne e le Jashobeame, mora Sabdiele; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene.
3. E be e le wa bara ba Peretse, hape e le hlooho ya balaodi bohle ba makgotla a ntwa ka kgwedi ya pele.
4. Molaodi wa hlopha sa kgwedi ya bobedi, e ne e le Dodai, Moakoke; Miklothe e ne e le motsamaisi wa hlopha sa hae; mme o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene sehlopheng sa hae.
5. Molaodi wa lekgotla la boraro la ntwa, ka kgwedi ya boraro, e ne e le Benaia, hlooho, mora Jehojada moprista; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
6. Benaia eo e ne e le ya matla hara ba mashome a mararo, a feta ba mashome a mararo; mora hae Ammisabade e ne e le motsamaisi e mong wa hlopha sa hae.
7. Kgweding ya bone, molaodi wa bone e ne e le Asaele ngwanabo Joabe; ya mo hlahlamang ya eba mora hae Sebadia; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene.
8. Kgweding ya bohlano, molaodi wa bohlano e ne e le Shamehuthe Mojisrahe; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
9. Kgweding ya botshelela, molaodi wa botshelela e ne e le Ira, mora Ikkeshe wa Tekowa; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
10. Kgweding ya bosupa, molaodi wa bosupa e ne e le Heletse wa Pelone, wa bara ba Efraime; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
11. Kgweding ya boroba meno e le mmedi, molaodi wa boroba meno e le mmedi e ne e le Sibbekai wa Husha, wa Baserake; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
12. Kgweding ya boroba mono o le mong, molaodi wa boroba mono o le mong e ne e le Abiesere wa Anathothe, Mobenjamine; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
13. Kgweding ya leshome, molaodi wa leshome e ne e le Maharai wa Nethofa, wa Baserake; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.