3. wa bohlano Elame, wa botshelela Johanane, wa bosupa Elioenai.
4. Haele bara ba Obed-Edomo, letsibolo la hae ke Shemaia, wa bobedi Josabade, wa boraro Jowa, wa bone Sakare, wa bohlano Nethaneele;
5. wa botshelela Ammiele, wa bosupa Issaskare, wa boroba meno e le mmedi Peulthai; etswe Modimo o ne o mo hlohonolofaditse.
6. Haele mora hae Shemaia, a tswallwa bara bao e bileng ba busang tlung ya ntata bona; hobane e ne e le banna ba matla.
7. Bara ba Shemaia ke Othni, Refaele, Obede, Elsabade, le banababo bona Elihu, le Semakia, banna ba matla.
8. Bao kaofela e ne e le bara ba Obed-Edomo; bona, le bara ba bona, le banababo bona e ne e le bahale, banna ba dinatla tshebetsong; ba Obed-Edomo ba ne ba le mashome a tsheletseng a metso e mmedi.
9. Meshelemia yena o ne a na le bara le banababo, banna ba matla, ba le leshome le metso e robileng meno e le mmedi.
10. Hosa, wa bara ba Merari, o ne a na le bara; hlooho ke Simri, leha empa e ne e se yena letsibolo, a mpa a beilwe hlooho ke ntatae;
11. wa bobedi ke Hilkia, wa boraro ke Thebalia, wa bone ke Sakaria, bara bohle ba Hosa le banababo ba ne ba le leshome le metso e meraro.
12. Dihlopha tseo tsa balebedi ba menyako, ka ho ya ka dihlooho tsa bona, tshebetso ya bona e ne e le ho lebela ntlo ya Jehova hammoho le banababo bona.
13. Ba laolelwa monyako o mong le o mong ka lotho, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ka ho ya ka matlo a bontata bona.
14. Lotho ya ntsha Shelemia ho ya monyakong o ka nqa botjhabela; mora hae, Sakaria, monna wa lekgotla, ya hlalefileng, a laolelwa ka lotho ka nqa leboya.