1 Dikronike 26:14-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Lotho ya ntsha Shelemia ho ya monyakong o ka nqa botjhabela; mora hae, Sakaria, monna wa lekgotla, ya hlalefileng, a laolelwa ka lotho ka nqa leboya.

15. Obed-Edomo yena a laolelwa ka nqa borwa; bara ba hae bona ba laolelwa matlo a ho bolokela dintho.

16. Shuppime le Hosa ba newa ka nqa bophirimela, hammoho le monyako wa Shallekethe, moepeng; balebedi ba bang ba ne ba le malokana le ba bang.

17. Ka nqa botjhabela, ho ne ho beilwe Balevi ba tsheletseng, ka nqa leboya ba le bane ka letsatsi le leng le le leng, ka nqa borwa ba le bane ka letsatsi, ba le babedi hape tlung e nngwe le e nngwe ya ho bolokela;

18. Parbare, ka nqa bophirimela, ha bewa ba bane pela mmila, ba le babedi hape Parbare.

19. Ke tsona dihlopha tsa balebedi ba menyako ho bara ba Bakore le ho bara ba Merari.

20. Ho Balevi, Akija a bewa molebedi wa matlotlo a ntlo ya Modimo le wa matlotlo a ntho tse halalelang.

21. Haele bara ba Laedane, e leng bara ba Bagershone ka Laedane, bao e neng e le dihlooho tsa matlo a bontata Laedane Mogershone,

22. ha nkwa Jehieli; bara ba Jehieli ke Sethame, le Joele ngwanabo, bao e neng e le balebedi ba matlotlo a ntlo ya Jehova.

23. Ho Baamrame, le Batjitsehare, le Bahebrone le Bausiele,

24. Shebuele, mora Gershome, mora Moshe, e ne e le molebedi wa matlotlo.

25. Bao e neng e le banababo ka Eliesere, e ne e le mora hae Rehabia, le mora hae Esaia, le mora hae Jorame, le mora hae Sikri, le mora hae Shelomithe.

26. Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;

27. ba ne ba di nkile dintweng le kgapong, ba di kgethela kotlo ya ntlo ya Jehova;

1 Dikronike 26