1 Dikronike 25:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Mme palo ya bona, ha ba kopanngwa le banababo bona ba neng ba ithutile ho binela Jehova, e leng banna ba rutehileng kaofela, e ne e le batho ba makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a metso e robileng meno e le mmedi.

8. Ba laolelwa dikabelo tsa bona ka lotho, e monyenyane le e moholo, ya rutehileng le ya rutwang.

9. Lotho ya pele ya ntsha Josefa wa Asafe; ya bobedi ya ntsha Gedalia; yena le banababo le bara ba hae ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

10. Ya boraro ya ntsha Sakkure; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

11. Ya bone ya ntsha Jitseri; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

1 Dikronike 25