1 Dikronike 25:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ya boroba meno e le mmedi ya ntsha Esaia; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

16. Ya boroba mono o le mong ya ntsha Matthania; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

17. Ya leshome ya ntsha Shimei; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

18. Ya leshome le motso o mong ya ntsha Asareele; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

19. Ya leshome le metso e mmedi ya ntsha Hashabia; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

20. Ya leshome le metso e meraro ya ntsha Shubaele; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

21. Ya leshome le metso e mene ya ntsha Matthithia; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

22. Ya leshome le metso e mehlano ya ntsha Jeremothe; yena le bara ba hae le banababo ba ne ba le leshome le metso e mmedi.

1 Dikronike 25