16. ya leshome le metso e robileng mono o le mong Pethahia, ya mashome a mabedi Esekiele,
17. ya mashome a mabedi a motso o mong Jakine, ya mashome a mabedi a metso e mmedi Gamule,
18. ya mashome a mabedi a metso e meraro Delaia, ya mashome a mabedi a metso e mene Maasia.
19. Ke lona lenaneo la bona tshebetsong ya bona la ho tla ka tlung ya Jehova ka taelo e neng e bewe ke Aarone ntata bona, kamoo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a mo laetse kateng.
20. Haele bara ba bang ba Levi, dihlooho tsa bona ke tsena: Ho bara ba Amrame ke Shubaele; ho bara ba Shubaele ke Jehdia;
21. bakeng sa Rehabia, ho bara ba hae, e moholo ke Jishia,
22. ho ba Jitsehare ke Shelomothe, ho bara ba Shelomothe ke Jahathe.
23. Ho bara ba Hebrone e moholo ke Jeria, wa bobedi ke Amaria, wa boraro ke Jahasiele, wa bone ke Jekameame.
24. Ho bara ba Usiele ke Mikea; ho bara ba Mikea ke Shamire.
25. Ngwanabo Mikea ke Jishia; ho bara ba Jishia ke Sakaria.
26. Ho bara ba Merari, ke Mahali le Mushi, le bara ba Jaasia, mora wa hae.