14. ya leshome le metso e mehlano Bilga, ya leshome le metso e tsheletseng Immere,
15. ya leshome le metso e supileng Hesire, ya leshome le metso e robileng meno e le mmedi Happitsetse,
16. ya leshome le metso e robileng mono o le mong Pethahia, ya mashome a mabedi Esekiele,
17. ya mashome a mabedi a motso o mong Jakine, ya mashome a mabedi a metso e mmedi Gamule,
18. ya mashome a mabedi a metso e meraro Delaia, ya mashome a mabedi a metso e mene Maasia.
19. Ke lona lenaneo la bona tshebetsong ya bona la ho tla ka tlung ya Jehova ka taelo e neng e bewe ke Aarone ntata bona, kamoo Jehova, Modimo wa Iseraele, a neng a mo laetse kateng.
20. Haele bara ba bang ba Levi, dihlooho tsa bona ke tsena: Ho bara ba Amrame ke Shubaele; ho bara ba Shubaele ke Jehdia;
21. bakeng sa Rehabia, ho bara ba hae, e moholo ke Jishia,
22. ho ba Jitsehare ke Shelomothe, ho bara ba Shelomothe ke Jahathe.
23. Ho bara ba Hebrone e moholo ke Jeria, wa bobedi ke Amaria, wa boraro ke Jahasiele, wa bone ke Jekameame.
24. Ho bara ba Usiele ke Mikea; ho bara ba Mikea ke Shamire.
25. Ngwanabo Mikea ke Jishia; ho bara ba Jishia ke Sakaria.
26. Ho bara ba Merari, ke Mahali le Mushi, le bara ba Jaasia, mora wa hae.
27. Haele bara ba Merari, ho mora wa hae Jaasia ho tswile Shohame, Sakkure, le Ibri.
28. Ho Mahali ho tswile Eleasare, ya neng a se na bara.
29. Haele Kishe, mora Kishe ke Jerahmeele.
30. Bara ba Mushi ke Mahali, Edere, le Jerimothe.
31. Ke bona bara ba Levi, ha ho uwa ka matlo a bontata bona.
32. Le bona, jwaloka banababo bona, bara ba Levi ba bang, ba laolwa ka lotho pela morena Davida, le Tsadoke, le Akimeleke, le dihlooho tsa matlo a bontata baprista le Balevi. Bao e neng e le dihlooho tsa matlo, ba laolwa ka lotho jwaloka ba banyenyane hara banababo bona.